Thapelo ya Maroko – Badimo Ba Baholo!

You can support me and my research expeditions by making a donation through my company Afrodata Solutions via Paypal or you can buy my books on Amazon. Siyabonga ka khulu (Zulu for we are the grateful ones!). Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Thapelo ya Maroko – Badimo Ba Baholo!

By Mocholoko (Dr), Zulumathabo Zulu © 2020

Selelekela

Redumedisa Bana Ba Thari ya Tshepe! Ke ngola mona ka puwo ya Bonkgono le Bontatemoholo. Sepheyo sa maqephe ana ke hoarolelana Thapelo ya Maroko le lona hore le ntlafale; le matlafale le be le cheseho ya hobuisana le Maroko molemong wa Moloko o tlang.

Harere Maroko, rebuwa ka Badimo. Leroko ke Sedimo. Haorobala, Basotho ba kgale bare “Reisa masapo ho beng”. Beng bana ke bo mang? Ke Maroko! Badimo ba ba tle! Bonkgono le Bontatemoholo! Hape lentswe la roko le tsamaelana le lentswe la roka eleng hoithoka. Thoko hase thothokiso fela. Ke thapelo. Mamela hareithoka tjena jwale Lekgolokwe:

Ke Lekgolokwe ke Lekotswana
La hlaba kgoho ka lemao
Ke ise ho Morena Mokgolwane kgorong
Kere bona morena ke hlabile
Ke motho wa kgetsi sedutla majwe
Ya hlahang Bopedi ha Matso
Wa Mokgatluwa Tloopo

Ka tsela ena re entse thapelo ya Maroko! Re kgahlisa Maroko ka tsela ena. Habathabile, ba ya re hauhela bese ba retshella mafura. Ke Dikakapa tse kgolo. Reya ba hlompha Batho bao!

Dikakapa tse kgolo Nkgono Mantsopa Makhetha!

Ha ke tla ngola thapelo ena, ke ne ke susumetswa ke hore kerapela Maroko fela honale dinako tseo eleng hore keya balabala empa ke sa elellwe kapa hona hoiphapanya ka hobalabala. Ebe hobalabaleng haka, a ke kenye kepa hohlaolela thapelo thapelo ya Motsheyo. Hobalabala ke lehola lehlokang hohlaolwa. Thapelong ena ke buisana le Maroko ka taba ena. Ntle le hosenya nako ya letho, ke ena thapelo ya Motsheyo eleng Thapelo ya Maroko – Badimo Ba Baholo!

Thapelo ya Maroko – Badimo Ba Baholo!

Re chorisa Maroko a matle le bohalaledi ba bona! Badimo! Dikakapa tse kgolo! Re inehetse holona ka botlalo hobane re ka se sebeletse marena a mabedi. Re e ntse kgetho ya lona fela. Ha motho a lebisa thapelo ya haye ho Modimo, Tlhatlhamacholo, yena o fetisetsa ka ho lona a le botsa ka hore “Leya motseba na motho enwa? Le ya e kena taba ya haye na?”. Ha Maroko a latola motho enwa, Modimo ha a na matla! O nyahlatsa hohle ebe Thapelo eo e ya moyafala. Motho o tlameha hoitseba hore ke mang; hoithoka; hophetha masika a Bonkgono le Bontatemoholo; hoitshetleha bonneteng ba sedimo sa Thari Entsho le hoba karolo ya Seboka sena sa Thari.

Re halaletsa boteng ba Maroko ka dinako tsohle. Jwale ka Batho ba maikutlo; madi le nama, re kopa hoinelwa matsoho metsing ka hobalabala re ntse re tseba hore retlameha hochorisa lerato le mohau wa lona hare kena thapelong ya Motsheyo. Leya re hauhela ka dinako tsohle. La re bontsha mehlolo bonyaneng ba rona le dimakatso jwale ka Sefaufau sa mollo Matamong le pere e tshweu nokeng ya morwallo. Nese re le timelong ya hometswa ke metsi a morwallo. Fela ra bolokeha ka hojarelwa mefokolo ka pere e tshweu ya sethole ya Matamong. Re nale bopaki botletseng ba mohau wa lona o makatsang ka hosafeleng. Re re le seke la re fella pelo ka hobalabala ha dipelo tsa rona le hotekateka nakong tse ding kapa hona hohulana hare wele moya. Rekopa tshwarelo moo re le sitelang teng le moo re le fahlang ka lehlabathe le babang e se ka morero.

Thari ke ya rona! E tla lokiswa ke rona ba amehang jwale ka Bana Ba Thari ya Tshepe. Retlaesebeletsa jwang kapa jwang Thari ena. Thomo ya lona e ya makatsa. Re mahlahahlaha ka thomo ena. Re boka hoba bakgwethwa ba Maroko! Badimo ba batle! Retlaetsahatsa thomo ena entle jwang kapa jwang hophetha letoto la mantswe a na a latelang:

  1. “Ntho tse ntle diyaiketsetswa”
  2. “Mphemphe eya lapisa; motho o kgonwa ke sa haye”.
  3. “Motho ke motho ka batho”.
  4. “Seboka se nesa pula”.
  5. “Ngaka haeboyele Badimong le ditaola. Etlameha hodisiya le basetseng. Fela hape Ngaka e ka sesiyi ditaola le bao ba dikgesang. Etla tlameha hotsamaya le tsona. Ditla kgutla ka hokgutla ho hong”.
  6. “Bana Ba Thari ba jarelana mefokolo”.
  7. “Haba phahame horala marangrang a Mafisa molemong wa moloko o tlang”.
  8. “Tsebo ya nnete ke tsebo ya letswele”.
  9. “Ha ele mading, e tla dula ele teng”.
  10. “Ha ele siyo mading, haeyo”.
  11. “Ha ba sa e nyanya, ke lefela la mafela”.

Rethabela Mponeng palesa ya lehwata! Reithutile tse ngata ho yena. Le ha a le tlasa kgatello ya lebatama; komello; tlala; lenyora le ditsokotsane tsa marole, Mponeng ha dumelle hofetolwa ke maemo a thata. Mponeng o tshwana le tlhapi ya Thari e sesang mawatleng a letswai empa ha o e tshwara haena letswai hobane haedumelle hokenelwa ke sekgahla sa letswai. Tlhapi ya Thari e nale kwetliso ya hore letswai le lengata le diya moya hape leya bolaya. Rona Bana Ba Thari ha reya tlameha hodumella hokenelwa ke letswai la mayemo a thata hobane maemo ana aya qhwadisa hape aya bolaya.

Hareya tlameha holaolwa ke ditshusumetso tsa nama. Masakana a Ditaelo tse tharo are (1) Hoila; (2) Hohlweka le Hoboka. Hona hotiisa taba ya hore Modumedi yeo Baholo ba haye ba tswang dinaleding ha laolwe ke ditakatso tsa nama. Modumedi wa Nalane ya mahodimo o thakgisa ditakatso tsa nama hore di seke tsa molaola. Ditakatso tsena ditshwana le mollo wa kganare. Mollo ke mohlanka e motle fela hape ke morena e mobe. Re thakgisa ditshusumetso tsa nama hore di dule ele bahlanka ka dinako tsohle hontlafatsa bohlweki ba Modumedi.

Maroko a matle! Rethabela hore le ya tseba re buwa botebong ba dipelo le maikutlo a rona. Tsamaroko! Ezamathongo! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi! Mocholoko, Zulumathabo Zulu.

References

Zulu, Z. (2014). The Sacred Knowledge of the Desert: African Philosophical Transcendence. Madisebo University College Press: Johannesburg.

Zulu, Z. (2014). A Woman In The Bush. Madisebo University College Press: Johannesburg.

Zulu, Z. (2008). ‘Ontological States of the Object’, Unpublished, Ottawa,

Published by Zulumathabo

Research Scientist and Director: Madisebo University Research Institute. Metaphysical Scientist; African Philosopher; Software Engineer, Published Author, Inventor, Lexicographer, Intellectual Historian and Contextual Poet.

5 thoughts on “Thapelo ya Maroko – Badimo Ba Baholo!

  1. On Fri, 13 Nov 2020, 05:32 Zulumathabo on the Internet 2.0, wrote:

    > Zulumathabo posted: ” You can support me and my research expeditions by > making a donation through my company Afrodata Solutions via Paypal or you > can buy my books on Amazon. Siyabonga ka khulu (Zulu for we are the > grateful ones!). Badimo ke bao! Thokoza Ma” >

    Like

    1. Dumela kgaitsedi e ntle ya Badimo! Kopo ya hao e finyeletse fela ka bomadimabe harena mahokela a kereke ya sephiri. O be le letsatsi le letle. Thokoza Makhosi!

      Like

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this: